Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Tunisia e nyaola mokwetlisi ka papadi ya pele mohopeng wa lefatshe

Naha e mohopeng wa lefatshe ya Tunisia, e nyaotse mokwetlisi Sabri Lamouchi papadi fela mohope wa lefatshe o thakgohile.

Tunisia, e hlotswe ha bohloko ke naha ya Sweden ka 5 – 1 papadi e bapetseng mafelo a satswa feta a beke.

Pejana kajeno ho utlwahetse ha botsamaisi ba bolo naheng eo bo tswere kopano e potlakileng ho lekola ditaba mme qeto ya kopano eo ke ho nyaolwa ha mokwetlisi.

BALA: Shandu o leboha Pirates ka mora dilemo sehlopheng

Tunisia ke e nngwe ya dinaha tsa Afrika tse seng dibapetse le ho lahlehelwa ke papadi ya bona ya pele.

Sehlopha se dutse mohatleng wa sehlotshwana sa F mme batla kopana le Japan le Nederlands dipapading tsa bona tse latelang.

Mondher Kebaier eo e leng mokwetlisi wa mehleng wa sehlopha, o tlatswa a kokometse semaratswang dipapadi tse latelang.

BALA: Germany e phetha nalane ya 2014 ka Curacao