Bolo ya maoto

Hlooho ya tshibollo ho Chiefs e hlalosa diphepetso tsa bona

Hlooho ya tshibollo ya dibapadi (head of scouting & recruitment) sehlopheng sa Kaizer Chiefs Tera Maliwa, o buile ka moo mosebetsi wa ho sibula dibapadi o fetohileng ka teng.

Maliwa ya nang le leihlo la ho sibula dibapadi, o hlalositse ha mosebetsi wa bona o ba thata selemo le selemo ho latela ka moo dihlopha di etsang dintho ka teng.

“Thekiso ya dibapadi e ba thata letsatsi le letsatsi hobane ha re sa fumana dibapadi tse batlwang, batshehetse ba hlalosa ha re lokela ho lelekwa,” ho realo Maliwa.

Maliwa o hlalositse ha ba ela hloko tse ding tsa ditlhoko pele ba ka dumela ho tekena sebapadi sehlopheng e le ho balehela ho tekena sebapadi se fosahetseng.

“Empa batho ha ba ele hloko hore ha re ka potlakela ho tekena ntle le hoba sedi, sebapadi ha se sebetse hantle sehlopheng e be bothata bo bong hape.”

Maliwa ya sebeditseng dilemo jwalo ka hlooho ya tshibollo ho Mamelodi Sundowns, o tswetse pele ho hlalosa ha thekiso ya dibapadi e na le tshekamelo.

“Batho ba nka qeto tsa bona ka tsela tsa bona le ho rekisetsa motho eo ba batlang ho morekisetsa ho sa natse hore ke mang ya tlileng pele.”

“Thekisetsano ya rona e na ke tshekamelo, ke nahana ke ngole buka hobane ke bone boholo mme ho lekane ka lehloyo (I’ve seen enough, enough hate).”

Chiefs e tekena dibapadi tse leshome sehleng sena le ha e sa fumana tse ding tsa dibapadi tseo e sale e lelekisa ho ditekena dihleng tse fitileng.

Sebapadi sa moraorao seo Chiefs e se tekeneng ke Lebohang Maboe ya tswang ho Sundowns mme e le sebapadi se kileng sa matha ntshetso peleng ya sehlopha sa Chiefs.

BALA HAPE: brandon-peterson-o-phetha-nalane