
Mokwetlisi Makhoye o hlalosa maemo a Saleng sehlopheng
Mokwetlisi wa sehlopha sa Orbit College Pogiso Makhoye, o hlalositse ha seabo sa Monnapule Saleng e le lemao le ntlhapedi sehlopheng.
Puisanong le Andile Ncube ho Sports Night Amplified With Andile (SNAWA), Makhoye o hlalositse ha a kgathatsehile ke tsela eo sehlopha se bapalang ka yona.
Makhoye o hlalositse ha seabo sa Saleng se sa tlise morolo ho dibapadi tse ding tsa sehlopha hobane papadi ya Orlando Pirates, dibapadi di bapetse hantle mme kgahlano le TS Galaxy moo Saleng a ne a le teng, moya o ne o fapane.
“Ke buile le yena hore a phahamise papadi ya hae. Re bapetse hantle kgahlano le Pirates mme ha a kgutla kgahlano le Galaxy dibapadi dine disa bontshe mahlahahlaha,” ho realo Makhoye.
“Ha jwale boima bo ho yena hobane ha a sa bapala, dibapadi dibapala hantle empa ha a le teng bohle ba lebella hore yena a etse mosebetsi mme dibapadi di hlalosa ha di tshepetse ho yena ho ba etella pele.”
Makhoye o hlalositse ha batla sebedisa monyetla wa phomolo ya FIFA ho sebetsa ka mathata a teng sehlopheng le ho leka ho fokotsa kgatello le tebello ho Saleng jwalo ka sehlopha.
Orbit e se e bapetse dipapadi tse hlano mme e hapile papadi e lengwe le ho lahlehelwa ke dipapadi tse nne.
Papadi ya Orbit e lateng batla etela Chippa United lebaleng la Sisa Dulashe ka la 16 Lwetse. Papadi ena etla tla thakgoha ka 19:30 bosiu.
BALA HAPE: pirates-e-nnetefatsa-menyenyetsi-ya-kotsi-ya-koloi
