
Mokwetlisi wa Sundowns o seboko ka lebala la Seshego
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o bontshitse ho makatswa ke qeto ya Polokwane City ya ho lebisa papadi lebaleng la Seshego.
City e nkile qeto ya ho tlosa papadi lebaleng la Peter Mokaba le ho lebisa lebalang la Seshego le nkang batshehetsi ba 15 000.
Cardoso ya tswang ho bapalla lebalang la Umhlathuze mafelo a beke e fitileng, o hlalositse ha batla bapala lebaleng le leng hape leo a sa tsebeng le lebitso la lona.
BALA HAPE: Parker o dumela batla hlola City ho phahamisa mohope wa Nedbank
“Ho bonahala relo bapalla lebaleng le leng ka hara naha. Ba fumane sebaka bakeng sa papadi ha ke tsebe le lebitso la sebaka seo,” ho realo Cardoso.
“Ke lebala la bona le leholo le loketseng maemo a papadi mme re tla thabela ho bapalla papadi ho lona.”
Sundowns haeso hape papading dipapading tsa bona tse pedi tsa ho qete mme batlo bapala dipapadi tse pedi ka tatellano le Polokwane.
Papadi ena e tlaba le seabo se seholo lebelong la sehlopha se dulang ka hodimo ka mora dipapadi tse 26 dihlopheng kaofela. Papadi e tla thakgoha ka 19:30 bosiu mme e tla bapalla lebaleng la Seshego.
BALA HAPE: Mokwetlisi wa Polokwane City o batla dintlha tse 6 kgahlano le Sundowns
