
Kampo ya Amajita e tswelapele
Boitukiso ke bo matla sehlopheng sa naha sa bahlankana ba dilemo tse ka tlase ho 20 ba Amajita tlasa leihlo le ntjhotjho la mokwetlisi Raymond Mdaka.
Sehlopha sena se itukisetsa ho leba mohopeng wa lefatshe wa ba dilemo tse ka tlase ho 20 naheng ya Chile hona kgwedi ena ya Lwetse.
Mokwetlisi Mdaka le sehlopha, ba hapile bompudi ba kontinente ba AFCON ka kgwedi ya Motshehanong le ho beheletsa sebaka sa bona mohopeng wa lefatshe.
Sehlopha sena se thehilweng ka makejakejane a jwalo ka Shandre Campbell ya bapalang Belgium, Mfundo Vilakazi wa Kaizer Chiefs le Patrick Autata ya satswa tekena le Durban City.
Dibapadi tse ka ipabolang ka makgabane mohopeng ona dika ipeha monyetleng o motle wa ho ba karolo ya sehlopha se seholo jwalo ka ha le bona ba monyetleng wa ho leba mohopeng wa lefatshe.
Afrika Boroa, e sehlopha sa E mmo e panweng le naha tse jwalo ka USA, New Caledonia le France. Dipapadi tsena ditla thakgoha ka la 27 Lwetse ho fihla ka la 19 Mphalane.
Papading ya bona ya pele batla nkana le naha ya France kala 29 Lwetse, papadi ya bobedi ba nkane le New Caledonia kala 03 Mphalane. Papadi ya boraro ya mekgahlelo e be kgahlano le USA ka la 05 Mphalane.
Sehlopha setla tobana le teko e matla ya ho ya ho leka ho fumana dintlha dihlopheng tse matla, e bang ba ka bokeletsa dintlha tse lekaneng, batla fetela mohatong o ka pele wa mohope.
BALA HAPE: broos-o-etsa-diphetoho-le-ho-bua-ka-mabala
