
Hugo Broos o babatsa qeto ya Siviwe Magidigidi
Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o babaditse qeto ya lekejakejane la Afrika Boroa ho leba mose ho mawatle ho ntshetsa pele papadi ya hae.
Siviwe Magidigidi wa Siwelele FC, o lebile naheng ya Belgium moo a tla bapala sehlopheng sa K. Beerschot V.A e bapalang mokgahlelong wa bobedi (second division).
Broos o hlalositse ha mohato o na e le qeto e nepahetseng bakeng sa sebapadi mme le yena a tla tswa a beile Magidigidi leihlo.
“Le nna ke mmeile leihlo bakeng sa sehlopha sa naha. Ke sebapadi se senyane se hlwahlwa se ka bapalla le ka lepheong,” ho realo Broos ho nieuwsblad.be.
“Potso ya bohlokwa ke hore o tla kgona ho tlwaela maemo a Belgium. Ke mohlabadintlha ya moholo ya matla ya nang le bokamoso bo tshepisang mme o kgona le ho bapala lepheong. O na le bokgoni.”
Pejana sehlopha sa Siwelele se ile sa thibela Magidigidi ho tsamaya empa Beerschot ya kgutla ka moputso o ntlafetseng bakeng sa ditshebeletso tsa sebapadi sena.
Broos, o hlalositse ha ho hlokahala nako hore sebapadi se tlwaelo maemo jwalo ka ha Belgium e fapaneng le Afrika Boroa.
“Ke dumela ha sebapadi setla hloka nako. O tla hloka nako ho tlwaela mme seo hase bobebe, ho tlatswa ka hore sehlopha se moamohetse jwang.”
“O lokela ho utlwa a le lapeng mme le sehlopha se lokela ho tsamaya le yena se motataise. Seo se bohlokwa bakeng sa dibapadi tsa Afrika tse fihlang Europe.”
Ha jwale ke sehla sa mohatsela (winter) nahang ya Belgium mme Broos o dumela ha seo le sona setla ba le seabo ho fihleng ha Magidigidi.
BALA HAPE: Magidigidi o fihlella tumellano le sehlopha sa Beerschot ya Belgium
