Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Afrika Boroa e hlaha dinaheng tse tlase ka ho fitisisa dipalong tsa FIFA

Mokgatlo o tsamaisang bolo lefatsheng wa FIFA, o ntshitse dipalopalo tsa maemo a dihlopha ka mora matsatsi a dipapadi tsa setswalle le ho phunyeletso ho leba mohopeng wa lefatshe.

Dipalopalo tsena dibontsha dihlopha tse ka hodimo lefatsheng le tse dutseng mohatleng.

Le ha hole jwalo, mahlo boholo a ne a shebile dihlopha tsetla bapala mohopeng wa lefatshe o tla bapala nako e ka tlase ho kgwedi tse tharo.

Sehlopha sa Afrika Boroa (Bafana Bafana) bantse ba dutse boemong ba 60 lefatsheng le ha ba sa hapa papadi ho tse pedi tseo ba dibapetseng kgahlano le naha ya Panama e dutseng boemong ba 33 lefatshe.

Bafana Bafana, ba hlaha dihlopheng tse 10 tse tlasetlase lefatsheng tse tla bapala mohopeng wa lefatshe mme ke bona le naha ya Ghana fela djhlopha tsa Afrika palong eo ho tswa dihlopheng tse 10 tsetla emela Afrika.

Lenane la dihlopha tse tlase dipalong tsa FIFA ho qalwa ka naha e ka tlase ka ho fitisisa:

1. New Zealand  🇳🇿 (85)
2. Haiti 🇭🇹 (83)
3. Curacao 🇨🇼 (82)
4. Ghana 🇬🇭 (74)
5. Cape Verde 🇨🇻 (69)
6. Bosnia Herzegovina 🇧🇦 (65)
7. Jordan 🇯🇴 (63)
8. Saudi Arabia 🇸🇦 (61)
9. South Africa 🇿🇦 (60)
10. Iraq 🇮🇶 (57)

Le ha hole jwalo, dipalopalo tsena e kaba ho lahlisa mohlala fela jwalo ka ha dihlopha tse tlase ntse dikgona ho hlola tse kgolo le ho makatsa lefatshe.

Naha ya Bosnia Herzegovina, e hlotse le ho thibela Italy ho leba mohopeng wa lefatshe e leng se neng se sa lebelwa.

BALA HAPE: Orlando Pirates e bontsha maikemisetso mahlakore ho fapana