Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Berhalter o hlalositse qeto ya ho tekena Dithejane ka mora Mbokazi

Ka mora ho tekena Mbekezeli Mbokazi pele thekiso ya dibapadi e bula, mokwetlisi wa Chicago Fire Gregg Berhalter, o hlalositse qeto ya ho tekena sebapadi se seng sa Afrika Boroa.

Berhalter o ne a arabela dipotso pele ho boikwetliso ha a tla hlalosa hore qeto ya ho tekena Puso Dithejane, e ne e ipapisitse le bokgoni ba sebapadi leka ho tlisa sebapadi se seng ho tswa Afrika Boroa ho thusa Mbokazi ho tlwaela maemo le ho sebe le bothata.

“Re tekenne Dithejane re shebile ntho tse pedi, ya pele ke ho tlisa bokgoni le boiphihlelo sehlopheng, ya bobedi ke hore hotla thusa hoba le bona bale babedi ho sebetsa ka bobedi ho tlwaela maemo le ho thusana,” ho realo Berhalter.

Mokwetlisi enwa wa mehleng wa USA o hlalositse ha maikemisetso a bona e le ho thusa dibapadi hoba seemong se hantle haholo Mbokazi eo e neng e le karolo ya AFCON le hoba malala-a-laotswe bakeng sa mohope wa lefatshe.

Dithejane, o lebile America atswa ho TS Galaxy le ha a ne a batlwa ke dihlopha tse pedi tse kgolo tsa Afrika Boroa ka mora ho qala sehla ka noto e hodimo.

Dibapadi dibile le boikwetliso ba pele e le sehlopha ka mora hore Dithejane a tekenwe mme dithakgolo tsa ho qala ho bapala ha bona ditla bonahana ha mmela o ntse o puta.

BALA HAPE: Brayan Leon: Sundowns ke sehlopha se seholo