
Motaung o qhelela ka thoko taba ya bakwetlisi
Setho sa tsamaiso sehlopheng sa Kaizer Chiefs Bobby Motaung, o qheletse ka thoko menyenyetsi e utlwahetseng ya phetoho ya bokwetlisi.
Motaung, o hlalositse ha sehlopha se ke ke sa etsa diphetoho bokwetlisi jwalo ka ha menyenyetsi e ne e lepa sehlopha setla etsa karolong ena ya bobedi ya sehla.
Menyenyetsi, e ile ya lepa ha Chiefs e tla etsa diphetoho bokwetlisi mme hwa utlwahala lebitso la Rhulani Mokwena le Pitso Mosimane le ha menyenyetsi eo e ne e hloka motheo.
Puisanong le Isolezwe, Motaung o hlalositse ha sehlopha sekgotsofetse ke tshebetso ya bakwetlisi batshweng mokobobo ha jwale.
“Hare batle ho lobokanya sehlopha ka ho tlisa mokwetlisi ya motjha ya tla batla bo etsa dintho ka tsela e fapaneng,” ho realo Motaung.
“Bakwetlisi batla ka maano a fapaneng le ho batla hotla ka sehlopha sa bona sa bakwetlisi.”
Motaung o tsitlalletse mantsweng le qetong ya ho ema le ho bontsha tshehetso bobeding bo tshwereng sehlopha ka mora karohano ya Chiefs le mokwetlisi Nasreddine Nabi.
“Banna bana ba babedi [Youssef le Kaze] ba bile le sehlopha qalong ya sehla mme re tswelapele ho aha motheo. Re batla ho tswelapele mme re dumela ha sehlopha se ntse se tsoha borokong.”
Chiefs, e tla qala karolo ya bobedi ya sehla e dutse boemong ba bone e leng ntlafalo papisong le sehleng se fitileng ka nako ena.
BALA HAPE: Brayan Leon: Sundowns ke sehlopha se seholo
