
Mokwetlisi wa Sundowns o leboha PSL le Gallants ka kutlwisiso
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o lebohile PSL le Marumo Gallants ka ho sekehela sello sa bona tsebe.
Sundowns e kopile hore papadi ya bona e qalang sehla e tjhethiswe ka lebaka la ho qala sehla ka morao ho nako.
Sehlopha se lahlehetswe ke sebapadi mme seo sa ama meralo ya sehlopha ya ho itukisetsa sehla jwalo ka dihlopha tse ding.
Cardoso, o hlalositse ha ese ka ho rata hore papadi ya bona e fetole empa o leboha kutlwisiso ya PSL.
“Re rata ho leboha PSL le Marumo Gallants ka ho dumela ho tjhetjhisa papadi ya rona e qalang sehla,” ho realo Cardoso.
Ka bomadimabe hase mabaka a monate mme re batla bohle ba hopole Adams jwalo ka re ntse re leka ho amohela ho hlokahala ha hae.
Cardoso o lakaleditse dihlopha tsohle tsetla bapala mafelo a beke katleho le mahlohonolo.
Papadi ya Sundowns le Gallants e se e tla bapala ka la 19 Phato.
BALA: Betway Premiership e tswelapele ka tlhodisano ya batshehetsi
