
Williams o re papadi kgahlano le Al-Ahli e tlaba boima
Sethibathibane sa Mamelodi Sundowns Ronwen Williams, o buile ka papadi eo sehlopha setla e bapala mafelang a tlang a beke.
Sundowns, e tla amohela Al-Ahli eo e leng bompudi ba kontinente ya Asia mohopeng wa FIFA Intercontinental Cup.
Ha a bua ka papadi ena, Williams o bontshitse ha e ke ke yaba papadi e bobebe ho latela boemo ba moo Al-Ahli e bapalang teng.
“Saudi Pro e ntse e ntlafala le ho fumana dibapadi tsa boemo bo hodimo mme le papadi ya rona e ke ke yaba bobebe,” ho realo Williams.
BALA: African Stars e lebisa papadi kgahlano le Pirates naheng ya Botswana
“Ke bompudi ba Asia ka tatellano mme seo se hlalosa hore mosebetsi wa rona o tloba boima.”
Sehlopha se hapa papadi ena setla fetela mokgahlelong o latelang moo setla thulana le kemedi ya America pele ho makgaolakgang kgahlano le Paris Saint Germain.
