
Kaze o babatsa ntlafalo ya sebapadi sa hae
Setho sa bokwetlisi [co-coach] sehlopheng sa Kaizer Chiefs Cedric Kaze, o babaditse ntlafalo ya sebapading sa sehlopha se hlaselang Mduduzi Shabalala.
Shabalala o baptse karolo e kgolo ha sehlopha sene se hlola TS Galaxy mafelo a beke a fetileng moo a thusitseng ntlheeng ya pele e hlajoweng ke Flavio Silva.
Kaze o hlalositse ha Shabalala a tse a tswelapele ho itshupa le ho bapala karolo e kgolo kabelong ya tshebetso e ntle ya sehlopha.
Shabalala ke sebadi senang le bokgoni bo boholo mme hona le nako eo le yena a neng a sa kgotsofatswe ke tsela eo a bapalang ka yona ha ditshehollo ditla ba teng,” ho realo Kaze.
“Empa seo ke karolo ya papadi ya bolo mme ntho ya bohlokwa e kgolo ke hore o lokela hoba matla kelellong le ho dula o sebetsa ka thata ho ntlafatsa papadi ya hao.”
Chiefs e se e hapile dipapading tse 4 ka ka mora ho hlola TS Galaxy ka 2 – 0.
Le ha hole jwalo, Kaze le moifo wa bokwetlisi ba tsitlalla ho batleng ho sebetse ho feta le ho fihlela sekepele seo sehlopha se sebeileng sehleng sena.
Sehlopha setla thulana le sehlopha se mohatleng sa Magesi ka laboraro mme sehlopha setla batla ho hapa papadi eo le ho hapa dipapading tse 5 ka tatellano.
Lekgetlo la ho qetela Chiefs e kopana le Magesi, ke moo sehlopha se hapileng papadi ka 2 – 0 kgwedi e fitileng.
BALA HAPE: Beaumelle ka Sundowns: Ke sehlopha se lwanang ka dibapadi tse lebang mohopeng wa lefatshe
