
Di’Proteas tsa banna ditla kgutlela lapeng dinyeka maqeba
Sehlopha sa naha sa banna papading ya krikete, setla menahana le mehlala ka pelo tse bohloko ka mora leeto le bosula naheng ya India.
Di’Proteas, dihlotswe mefuteng e mmedi ya dipapadi (ODI le T20) le ha ba hapile dipapadi tsa diteko ka boqhetseke.
Afrika Boroa e ne e etetse India moo e qadileng ka leoto le letle le ho etsa nalane ka ho hlolela India lapeng dipapading tsa diteko ka 2 – 0.
Dipapading tsa letsatsi ka leng (ODI), Afrika Boroa e lekile ho lwana kgakgaulane molamu wa hlooho empa India ya sebeditsa matla a hoba lapeng le ho hlola letoto ka 2 – 1.
Mofuteng o mokgutshwane wa T20, India haya bona Afrika Boroa ka letho ka mora ho bahlola ka ka 3 – 1 le ha dipapadi dine dile hlano mme papadi e nngwe haya bapala ka lebaka la pula.
Papading ya ho qetela ho T20, ke moo India e hlotseng di’Proteas ka mematho e 30 ho diela dikgala.
India, e bokeleditse mematho e 231/5 mme Afrika Boroa ya kgona fela ho bokeletsa mematho e 201/8 ka overa tse 20 e bile e le papadi ya lekgolo ya Quinton De Kock.Â
Di’Proteas, ditla kgutlela lapeng le ho phomola ntho e ka etsang kgwedi pele ba nkana le West Indies e tla etela kwano Afrika Boroa.
“The Caribbeans” batla etela Afrika Boroa ho bapala dipapadi tse nne tsa T20 pele ho mohope wa lefatshe wa T20 o tla thakgoha ka kgwedi ya Hlakola.
Papadi ya pele kgahlano le West Indies, e tla thakgoha ka la 27 Pherekgong lebaleng la Boland, Paarl mme yona e tla thakgoha ka 18:00 ka nako ya Afrika Boroa.
