Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Beaumelle ka Sundowns: Ke sehlopha se lwanang ka dibapadi tse lebang mohopeng wa lefatshe

Ka mora hore Mamelodi Sundowns e tlabole sehlopha sa hae, mokwetlisi wa Esperance de Tunis Patrice Beaumelle, o bontshitse ha Sundowns e lwana ka dibapadi tse hlwahlwa lefatsheng.

Beaumelle, o dumetse hore sehlopha sa hae se kene papading le dipapadi tsa boemong bo hodimo tsetla emela naha ya tsona mohopeng wa lefatshe o tla bapalla naheng ya America, Mexico le Canada ka kopanelo.

“Jwalo ka ha ke hlalositse hore e batla e sa lekane le ha re lekile ho lwana ntwa e matla kgahlano le sehlopha se matla,” ho realo Beaumelle.

“Ke sehlopha se bapalang ka dibapadi tse 6/7 tsa matjhabatjhaba tsetla leba mohopeng wa lefatshe mme seo hasa lokela ho lebalwa.”

Esperance e lokelang ho etela Sundowns lapeng mafelo a beke moo batla tlameha maoto le matsoho ho hlola e bang ba batla ho leba ho makgaolakgang.

Lekgetlo le fitileng tlasa bokwetlisi ba mokwetlisi wa jwale wa Sundowns Miguel Cardoso, Esperance e ile ya hlolela Sundowns lapeng e le papading e tlang pele ho makgaokgang.

BALA HAPE: Siwelele se kena selekaneng le Lesedi FM