Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Roger De Sa o tla kwetlisa mohopeng wa lefatshe hape

Sebapadi sa mehleng sa Afrika Boroa e bile e le mokwetlisi papading ya bolo, setla leba mohopeng wa lefatshe moo a tla sebetsa jwalo ka motlatsa mokwetlisi wa se seng sa dihlopha tse tla emela kontinente ya Afrika.

Roger De Sa, o tla sebetse le Carlos Queiroz ho kwetlisa naha ya Ghana dipapading tse setseng ka kgwedi le matsatsi pele dithakgoha naheng ya America, Mexico le Canada ka kopanelo.

Pejana ka mora hore Ghana e tsibise le ho phatlalatsa Queiroz, re tsibisitse le ho lepa ha De Sa a tla leba mohopeng wa lefatshe jwang ka ha bobedi bona e le mathe le leleme ka nako eo Queiroz a fumaneng mosebetsi wa ho kwetlisa.

Bobedi bona bo qadile ho sebetsa mmoho ka 2002 mme ho tloha ka nako eo selekane sa bona ke kgomaredi ya kokotane.

De Sa o tla kwetlisa mohopeng wa boraro wa lefatshe mme tshebetso ya hae le naha ya Ghana e tlaba lekgetlo la bosupa a sebetsa le sehlopha sa naha a sebetsa le Queiroz.

Ha a bua ka thaba eo a tobaneng le yona ya mosebetsi, De Sa o hlalositse ha a shebile dikgatiso le ho leka ho sheba dibapadi tse fapaneng ho fumana seo a tla sebetsa ka sona.

“Phepetso e kgolo ke ho tshwanela ho kgetha sehlopha ntle le ho fumana nako e lekaneng ya ho itukusa. Le nako e teng ya boitukuso ya beke tse pedi ke nako e kgutshwane ya ho lokisa sehlopha,” ho realo De Sa.

Ghana e tla tobana le dihlopha tse matla le hoba maemong a hodimo dipalopalong tsa lefatshe papading ya bolo.

Sehlotshwana sa Ghana mohopeng wa lefatshe [Group L]:

Croatia

Ghana

England

Panama

BALA HAPE: Queiroz o hlola Mosimane lebelong la ho kwetlisa Ghana