
Kotlo ya sebapadi sa Bafana Bafana e atoloswa ka dipapadi tse pedi
Kotlo o fumanweng ke sebapadi sa Bafana Bafana Themba Zwane, o atolositswe ka dipapadi tse ding hape tse pedi ho tloha papading e le nngwe.
Zwane o bone karete e kgubedu ka mora papadi e bohlaswa kgahlano le sebapadi sa Mexico.
Kotlo ya karete eo, e bile ho fetwa ke papadi e le nngwe le ha hone ho hlahlojwa botebo ba yona.
Ka mora dihlahlobo, FIFA e tsibisitse ha kotlo e tloha papading e le nngwe ho ya ho dipapadi tse tharo kaofela.
Qeto ena e hlalosa ha mohope wa lefatshe o fedile bakeng sa Zwane le ha sehlopha se setse ka dipapadi tse pedi tsa dihlotshwana.
BALA: Kemedi ya Afrika Boroa e fumana monyetla papading ya Netherlands le Sweden
Le ha hole jwalo, Afrika Boroa ena le monyetla wa ho ipiletsa qetong ena hore e ka hlahlojwa ho leka ho bona e bang e kase fetolwa.
Sebapadi se seng sa Afrika Boroa se boneng karete e kgubedu Siphephelo Sithole, o tla fetwa ke papadi e le nngwe jwalo ka ha qeto ya pele e lekantse.
Afrika Boroa ke yona e boneng dikarete tse ngata tse kgubedu ka papadi e le nngwe ha Mexico e fumene karete e le nngwe.
Papadi eo ke yona fela e bileng le dikarete tse kgubedu dipapading tsa pele tse seng dibapetse.
BALA: Chiefs e phatlalatsa mokwetlisi le nako ya hae ya tshebetso
