
Kemedi ya Afrika Boroa e fumana monyetla papading ya Netherlands le Sweden
Baletsaphala ba Afrika Boroa ba babedi ba fumana monyetla wa hoba karolo ya papadi e nngwe hape e kgolo.
Abongile Tom le Zakhele Siwela, ba hlwauwe hoba karolo ya moifo wa baletsaphala batla tsamaisa papadi e dipakeng tsa Nederlands le Sweden ka moqebelo.
Bobedi bona ke karolo ya moifo o tla tsamaisa papadi ya bosiung ba kajeno ya Portugal le Democratic Republic of Congo le ha e ke yaba bona batla letsa phala.
BALA: Arrows e tswelapele ka ho etsa diphetoho sehlopheng
Abongile Tom, e tlaba mohlanka wa bone wa papadi [Fouth Official] ha Zakhele e tlaba Reserve Assistant Referee.
Papadi e tlaba ya bobedi bakeng sa kemedi ena ya Afrika e Boroa mme ya moqebelo e tlaba ya boraro.
Tshepo le tumelo ke hore bobedi bona botla fumana monyetla wa ho tsamaisa papadi ka kotloloho ho tse ding tsa dipapadi tsetla bapala.
BALA: Lefapha la dipapadi le romela batshehetsi ba bang Mexico
