Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sundowns e nahanisisa ho kgutlela ha Lucas Ribeiro sehlopheng

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se jella taba ya ho kgutlela ha sebapadi sa bona Lucas Ribeiro Costa.

Sena ka mora hore Ribeiro a arohane le sehlopha sa hae sa Spain ka mora hore se rengwe ke selepe.

Ribeiro o tsamaile ho Sundowns hose monate ka mora hore sehlopha se batle a dule empa sebapadi sa qobella ho tsamaya.

Bobedi bona bona le nyewe e ntseng e matha eo Sundowns e ileng ya e hlahlela kgahlano le Ribeiro.

BALA: Pirates e netefaditse ka ho tsamaya ha Mofokeng sehlopheng

Le ha hole jwalo, Sundowns e bonahetse e ntse ena le thahasello ya hore Ribeiro a kgutlele sehlopheng le ho lebala tse fitileng.

Ka lehlakoreng le leng Ribeiro le yena o bonahala a sena bothata ho kgutlela ho Sundowns jwalo ka ha dihlopha di tshaba ho bua le yena ho latela nyewe ya hae le Sundowns.

Ha jwale Ribeiro ke sebapadi se hlokang sehlopha mme tebello ke ho bona hore o tla qetella a tekenne le sehlopha sa naha e fe.

BALA: Mamelodi Sundowns e qala ka boikwetliso pele e leba Austria