
Chiefs e phatlalatsa mokwetlisi le nako ya hae ya tshebetso
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se phatlaladitse Fernando Da Cruz jwalo ka mokwetlisi wa bona semmuso.
Chiefs e qeta menyenyetsi e mathileng sebaka sa kgwedi ya mokwetlisi ya motjha ka mora ho nyaola Cedric Kaze le Khalil Ben Youssef.
Da Cruz o kgutlela Naturena ka mora ho dula ntho e ka etsang kgwedi e le motlatsa mokwetlisi moifo wa Nasreddine Nabi pele a bona makgulo a matala kantle.
BALA: Lefapha la dipapadi le romela batshehetsi ba bang Mexico
Mokwetlisi enwa ya tshwereng lengola la UEFA Pro Licence, o fihletse tumellano ya dilemo tse pedi le monyetla wa ho eketsa ka selemo.
Nako ya tshebetso ya Da Cruz, e qala kala pele kgweding ya Phupu [1 July] e leng ka nako eo sehlopha setla qala boitukisetso ba sehla setlang.
Tebello ke ho bona hore Da Cruz o tla thuswa ke mang ka mora hore sehlopha se lokolle moifo ohle wa bakwetlisi ba sehla se fitileng.
BALA: Kemedi ya Afrika Boroa e fumana monyetla papading ya Netherlands le Sweden
