Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Miguel Cardoso ha a phetse ho ingamangama ka Ribeiro

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, ha a phetse ho bua ka sebapadi se thobetseng sehlopha Lucas Ribeiro Costa.

Cardoso o tswelapele ho hlalosa ha Ribeiro a sile sekgeo se seholo sehlopheng ka mora ho fedisa botho ba hae le ho leba Spain.

Mokwetlisi wa Sundowns e sa tshwaneng le mehleng, o hlalositse ha sehlopha se ntse sele morerong wa ho fumana sebapadi ho kwala sekgeo sa Ribeiro.

“Ho hlakile sehlopha se hloka morethetho le mahlahahlaha la pele. Re lahlehelwa haholo mme lebitso le leng fela, Lucas Ribeiro,” ho realo Cardoso.

Cardoso o hlalositse ha dihlopha ntse diba matla le bona ba lokela ho imatlafatsa bakeng sa dipapadi tsa CAF.

“Ho bohlokwa ho tseba hore dihlopha dintse dimatlafatsa mafapha a tsona mme tlhodisano e ba matla. Re lokela ho fumana dibapadi tse matla, haholo jwang relo bapala papadi tsa CAF Champions League haufinyana.”

Maikemisetso a Sundowns a ho fumana Matheusinho ya bapallang Recife ho kwala sekgeo sa Ribeiro, a nyopile ka mora hore Santa Clara le SC Recife dise dumele ka sebapadi sa bona.

Sundowns, e satswa bapala maleka le Marumo Gallants e bile e le maleka a bobedi sehleng sena. Le ha e so hlolwe, Sundowns ntse e sa bapala ka tsela eo e tsejwang ka yona papiso le dihleng tse fitileng.

The Brazilian, batla nkana le sehlopha sa Durban City mafelong a na beke lebaleng la Lucas Masterpieces Moripe. Papadi ena e tla thakgoha ka 20:00 bosiu.

BALA HAPE: Miguel Cardoso o re ba aha sehlopha botjha