Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Letona McKenzie le tsibisa ditjeho tsa leeto la Mama Joy la France

Letona la dipapadi Gayton McKenzie, le arabetse ka bopaki ditlalehong tsa motshehetsi wa papadi ya bolo Mama Joy tsa hore mopresidente wa naha o lefeletse leeto la hae.

Pejana Mama Joy o ile a hlalosa ha lefapha la dipapadi lesa lefa letho leetong la hae, le hore mopresidente wa naha Cyril Ramaphosa ke yena ya lefileng leeto la hae la ho leba France.

Mama Joy ya ngoletseng mopresidente wa FIFA Gianni Infantino hore letona McKenzie le hana ho lefa hore a lebe mohopeng wa lefatshe, o boetse a ngola hona ho marangrang [twitter/X] hore mopresidente Ramaphosa a nyaole McKenzie.

BALA HAPE: Kgatiso ya Mokoena a kganna a shebile mohala e baka ditaba

Ha a fana ka tlhakisetso, McKenzie o hlalositse ha ha Ramaphosa a sa lefa letho hoya ka tlaleho ya Mama Joy.

“E re ke hlakise; mopresidente wa naha ha lefa maeto a Mama Joy le ha yena a naha hore a lefshowe ke mopresidente,” ho realo letona McKenzie.

“Lefapha la dipapadi ke lona le lefileng maeto a hae. Maeto a hae ka bobedi a lefowe ke lefapha le pele ke kena kantorong.”

“Leeto la hae a le mong la ho leba France, le jele tjhelete e kalo ka R700 000.”

McKenzie o hlalositse ha a dumela ha taba ena e tla fihla pheletsong le ha dipotso disentse dile teng ka mora tsibiso ena ya hae.

BALA HAPE: Sehlopha sa Morocco se bontsha kgahleho ho Pitso Mosimane