
Magesi e amohela mokwetlisi wa Gallants ya motjha ka diopa pina
Sehlopha se mathateng a ho rengwa ke selepe sa Magesi FC, se amohetse mokwetlisi ya motjha wa Marumo Gallants Jamil Benouahi ka thupa ya dintlha tse tharo kaofela.
Magesi, e tlabotse Gallants ka 3 – 0 papading e bapetseng bosiu ba labobedi lebaleng la Seshego.
Dintlha tsa Dikwena tsa Meetse dikene ka Godfrey Mashigo, Motsie Mtima le Thabang Sibanyoni.
Tlholo ena, ene e le ya Magesi ya boraro sehleng sena e bile e le ya pele ka mora dipapadi tse 13 basa latswe tlholo dintlha tse tharo.
Lekgetlo la ho qetela Magesi e hlola papadi e ne e le selemo se fitileng ka kgwedi ya Mphalane kgahlano le TS Galaxy.
BALA HAPE: Mohau Nkota o kwatisa batshehetsi ba Orlando Pirates
Benouahi o amohelwa tjena ka mora hore sehlopha se arohana le Alexandre Lafitte ka mora ho behelwa ka thoko nakwana mosebetsi ka mabaka a ka hare.
Gallants e ntse e dutse boemong ba 14 ka mora dipapadi tse 23 moo ba bokeleditseng dintlha tse 18 mme ke sona sehlopha sa bobedi se lahlehetsweng ke dipapadi tse ngata ka ho fitisisa [13 loses] ka mora Orbit College e lahlehetsweng ke dipapadi tse 15.
Papading e latelang ke moo Gallants e tla amohela Orbit papading e dihlopha tse lekanang ka dintlha [18 points].
Papadi ena e tla bapala ka sontaha sa la 12 Mmesa lebaleng sa Dr Molemela, Bloemfontein.
BALA HAPE: Letona McKenzie le tsibisa ditjeho tsa leeto la Mama Joy la France
