
Afrika Boroa e buretsa Lesotho dipapading tsa ho phunyeletsa
Sehlopha sa naha sa Bafana Bafana se hlotse sa naha ya Lesotho ka ntlha tse tharo ho noto (3 – 0) dipapading tsa ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe (World Cup qualifiers).
Afrika Boroa, e ne e amohetswe ke Lesotho lebaleng la Toyota, Bloemfontein moo e bontshitse Lesotho tosa le madinyane a yona le ho ipeha monyetlengo motle.
Ntlha ya pele e kene ka Mohau Nkota ka mora motsamayo o motle wa sehlopha. Ntlha ya bobedi ya kena ka Lyle Foster ka mora hore sethibathibane se thibe makatole ho tswa ho Aubrey Modiba yaba Foster wa e qetela.
Ntlha ya boraro e bile e le ya ho qetela ya letsatsi, e kene ka Oswin Appollis ya lenyokonyane tlhaselong.
Tlholo ena ke ya bohlano dipapadi tsa ho phunyeletsa mme e beha Afrika Boroa monyetla o motle wa ho phunyeletsa ka kotloloho ho ya mohopeng wa lefatshe.
Ka kakaretso, Afrika Boroa e se e bokeleditse dintlha tse 16 mme ho setse dipapadi tse tharo hore re tsebe ke mang ya tla feta ka kotloloho sehlopheng sa C.
Afrika Boroa e butse sesene sa dintlha tse hlano kaofela ho sehlopha se dutseng bobedi mme mokwetlisi Hugo Broos o se a bapetse dipapadi tse 21 a so hlolwe re sa kenyeletse dipapadi tsa thaho ya mekoko (penalties).
Ka labobedi Africa Boroa e tla kena tekong e matla ha batlabe ba amohela Nigeria lebaleng la Toyota. Papadi eo e tla thakgoha ka 18:00 thapama.
BALA HAPE: mokwetlisi-mdaka-o-na-le-tumelo-ka-mbekezeli-mbokazi
