Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Khune: Dibapadi ditsetetse ho marangrang e seng papading

Sethibathibane sa mehleng sa Kaizer Chiefs le Bafana Bafana, se senotse ha dibapadi tsa ha jwale, ditsetetse nako ya tsona e kgolo ho marangrang.

Itumeleng Khune, o hlalositse ha boholo ba dibapadi ditsepamisa maikutlo ntlheng ya hoba bo mmamoratwa ‘influencers’ ho feta hoba dibapadi tsa papadi ya bolo.

“Dibapadi ditsetetse ho marangrang. Ha esale dibapadi tsa papadi ya bolo, ke bommamoratwa,” ho realo Khune.

“Dibapadi ha disa kgathalla bokamoso ba tsona ba papadi ya bolo.”

Khune o hlalositse ha dintho difapane le ka nako eo bona baneng ba ntse ba bapala moo baneng ba sa dumelle letho ho sitisa tshebetso ya bona.

“Rene re nkella papadi ya rona ya bolo hodimo resa dumelle letho hore sitisa. Rene reba le Facebook eo reneng re e sheba le ho tlosa mehala ho tsepamisa maikutlo.”

Khune ke sebapadi se bileng le bokamoso bo atlehileng ka ho fitisisa mebaleng ya Kaizer Chiefs le ho hapa dikgau tsa mefuta le ha e ne e ke sethibathibane.

Khune o bile le bokamoso ba dilemo tse 20 e le sebapadi sa boemo bo hodimo mme a bapetse dipapadi tse fetang 350 le tse 91 mebaleng ya sehlopha sa naha.

BALA HAPE: Broos o etsa diphetoho tse mmalwa sehlopheng