Bolo ya maotoDipapadi tse ding

Velebayi o sehwa ke letswalo pele ho papadi ya sontaha

Sebapadi sa Kaizer Chiefs Asanele Velebayi, o hlalositse ha a ntse a tlela ke ho tsoha jwalo ka ha sehlopha sa hae setla kena tekong e matla.

Chiefs e naheng ya Egypt moo e tla thulana le sehlopha sa Al Masry e le papadi ya pele ya CAF Confederation Cup.

Le ha a fumane metsotsong papading tse pele [preliminary round] Velebayi o hlalositse ha letswalo le akga ho mo etela empa dibapadi tse kgolong sehlopheng dimothusa ka seo.

“Ke motsotso o moholo ho nna, ke lekgetlo la pele ke leba naheng ya Egypt mme etlaba papadi e matla empa re e shebile ka kolo hloko,” ho realo Velebayi.

“Ho bua nnete, ke sehwa ke letswalo empa dibapadi tse nang le boiphihlelo [Brandon Petersen le Bruce Bvuma] ba ntse ba nthusa ka ha bana le boiphihlelo mme ke ya batshepa.”

Velebayi o dumela ha jwalo ka sehlopha basa lokela ho dumella ba direng ho hlaba ntlha le ho kgutla ka dintlha tse tharo.

“Ntho ya pele ke hose hlajwe ntlha le ho dula ka botleng. Re lokela ho hapa dintlha tse tharo.”

“Ke sehlopha se hodimo, ke dumela ha bale boemong ba Al Ahly mme se hlalosa ha ho tlaba thata. Re lekotse dikgatiso tsa bona boitukisetsong ya rona mme ho tlaba thata empa re malala-a-laotswe.”

Chiefs e ntla nkana le Al Masry hosane ka sontaha [23 Pudungwane] kantlenyana ho Cairo toropong ya Suez. Papadi e tla bapalla lebaleng la Suez.

BALA HAPE: Motaung Jr o etsa kaletsa pele ho papadi ya sontaha