
Lorch o leboha Wydad ka ho ngola lengolo
Sebapadi sa Afrika Boroa sa matjhabatjhaba Thembinkosi Lorch, o ngotse molaetsa wa hae wa ho qetela a sadisa sehlopha sa Wydad Casablanca le batshehetsi hantle.
Lorch, o bapetse papadi ya hae ya ho qetela sehlopha sa Wydad mafelo a beke pele a leba sehlopheng sa hae se setjha sa Al Ittihad ya Libya.
“Jwalo ka ha ke itukisetsa ho kena leetong la ka le letjha, ke rata ho leboha sehlopha ka menyetla, tshehetso le metsotso eo re bileng le yona,” ho realo Lorch.
“Hoba karolo ya sehlopha sena e bile tlotla. Ke leboha mopresidente, botsamaisi, bokwetlisi le dibapadi ka tataiso le kgothalletso ka nako ya ka sehlopheng.”
Lorch ya lebile ho Wydad a tswa sehlopheng sa Mamelodi Sundowns, e bile karolo ya sehlopha sa Wydad se bapetseng Club World Cup mme a fumane monyetla wa ho bapala kgahlano le Manchester City.
“Ke leboha batshehetsi ka lerato le tumelo ya bona. Matla a lona le botshehetsi ba lona bo entse dipapadi dibe bohlokwa ka ho re kgothatsa.”
“Ke tsamaya ka hlompho le kananelo ya sehlopha. Ke lakaletsa sehlopha katleho ya dihla tse ngata tse latelang.”
#DimaWydad
BALA HAPE: Mokwetlisi wa Chiefs o na le tshepo ya ho phethahatsa ditoro
