
Mokwetlisi wa Chiefs o na le tshepo ya ho phethahatsa ditoro
Setho sa bokwetlisi sehlopha sa Kaizer Chiefs Cedric Kaze, o hlalositse ha ana le tshepo ya ho phethahatsa ditoro sehleng sena le sehlopha sa Kaizer Chiefs.
Kaze, o hlalositse ha mokwetlisi e mong le e mong a na le toro eo a batlang ho e fihlela le sehlopha seo a se kwetlisang.
Chiefs e ntse e le karolo ya mehope e meraro mme Kaze o na le tshepo ya hore baka etsa mohlolo le ho e hapa e le jwalo.
“Ke hara sehla empa re sentse re bua ka “treble” mme ke rata seo. Ke rata seo hobane ke moya o phahameng wa ho nahana jwalo ka ha monna e mong le e mong a na le toro,” ho realo Kaze.
“Ke ka hoo ke tsohang hoseng ka matjeke ho itukisetsa boikwetliso le dikopano le dibapadi le dikgatiso.”
Kaze o hlalositse ha jwalo ka sehlopha batla lwana kgakgaulane bakeng sa ho fihlella sehlohlolong.
“Jwalo ka Kaizer Chiefs re sebetsa ka matla ho dula rele mahlahahlaha le ho sebeletsa tsohle tse ntle. Retla dula re lwana ho fihla moo sehlohlong sa moo re ka kgonang.”
Chiefs e dihlopheng tse ka hodima tse tharo tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership, ba boemong ba boraro ka dintlha tse 7 ho CAF Confederation Cup sehlotshwaneng sa bona.
Amakhosi e tla etela Stellenbosch hosane [04 Hlakola] lebaleng la DHL e le papadi ya Nedbank Cup. Papadi ena etla thakgoha ka 19:00.
