
Mandla Ncikazi: Tito ke sebapadi sa maikutlo
Motlatsa mokwetlisi sehlopheng sa Orlando Pirates Mandla Ncikazi, o hlalositse ha a ntse a ithuta ho sebetsa le se seng sa dibapadi.
Puisanong le Pirates TV, Ncikazi o hlalositse ha Patrick Maswanganyi e se sebapadi se bobebe ho sebetsa le sona ho latela taba ya hore ke motho ya nkwang ke maikutlo.
“Tito ke motho wa maikutlo,” ho realo Ncikazi.
“Ke ntse ke ithuta ho sebetsa le Tito. Re fapana ka mantswe ka makgetlo nna le yena mme ra boela ra utlwana hape.”
Ncikazi o hlalositse ha a lekile tsohle ho ithuta Tito ho kenyeletsa ho kopana le lelapa la hae hore a utlwisise semelo sa hae.
BALA: Broos o seboko ka tshebetso ya sehlopha pele ho papadi kgahlano le Mexico
“Hona le dintho tseo re dileballang, papadi ya bolo e bontsha metse eo re tswang ho yona.
“Dibapadi tsa dibaka tse fapaneng, dibontsha dibaka tseo batswang ho tsona. Tito ha a Panama bolo o be o hana, o kgons ho kwata empa re bafa monyetla le ha re laola nako ya seo.”
Ncikazi o hlalositse ha mosebetsi o ba bobebe e bang o utlwisisa sebapadi le semelo sa hae.
Ncikazi o boetse a bontsha ha a bile le hose utlwane le dibapadi tse fapaneng mme hase ntho e kalo jwalo ka ha dikamano tsa bona e le tsa ntate le bara.
Pirates e hapile mehope e meraro mme ke sona sehlopha se tshireletsang mohope wa Betway Premiership, MTN8 le Carling Knockout.
BALA: Sundowns e fumana sebapadi seo e leng kgale ba se batla
