
Miguel Cardoso: Ke mohope o fapaneng ka tebello e tshwanang
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hlalositse ha papadi ya bona le Gomora FC e ke ke ya ba papadi e fapaneng.
Sundowns e tla amohela Gomora ka laboraro la 04 Hlakola lebaleng la Loftus Versfeld e le papadi ya pele ya mohope wa Nedbank Cup.
Sehlopha sena sa Chloorkop, se ntse se inyeka maqeba ka mora ho hlolwa dipapading tsa CAF Champions League mafelong a fitileng.
Cardoso, o hlalositse ha papadi ena e sa fapana ho hang le dipapadi tse ding le ha e le papadi ya mohope o fapaneng.
BALA HAPE: Mokwetlisi wa Chiefs o na le tshepo ya ho phethahatsa ditoro
“Ke mohope o fapaneng empa re dula re bapala ka tebello e tshwanang, maikarabelo a hodimo le tumelo e phahameng,” ho realo Cardoso.
Cardoso o hlalositse ha sehlopha sa hae setla tlama lefito la mmatjobo le hose kgelle Gomora fatshe hobane ke sehlopha se matla.
“Mohato wa pele ke Gomora, sehlopha se qetang ho bapala papadi ya setswalle. Lebella sehlopha se matla sa Mamelodi Sundowns sehlopheng se tla qala le papadi.”
Tebello ke ho bona e bang mokaptene wa Sundowns Ronwen Williams, e tlaba karolo ya sehlopha ka mora ho fetwa ke papadi ya mafelo a beke ka kotsi.
Papadi ena e tla qala ka 19:00 e le e nngwe ya dipapadi tse qalang tsa Nedbank Cup.
