Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Maemo a mabala a Afrika Boroa ke tlhoba boroko ho bakwetlisi

Maemo a mabala a mmalwa ka hara Afrika Boroa, ke tlhoba boroko ho tse ding tsa dihlopha le bakwetlisi.

Sena ka mora hore tse ding tsa dihlopha difetole mabala a tse ding tsa dipapadi tsa bona le bakwetlisi ba bang ba tletlebe ka maemo a seng hantle a mabala.

Dibekeng tse fitileng dihlopha tse pedi tsa Bloemfontein, ditsibisitse ha ditla fetola mabala ao ditla bapalla dipapadi tsa bona tsa lapeng ka lebaka la lebala la Dr Ratlai Molemela le seng maemong a hantle.

Siwelele se tsibisitse ha setla bapalla dipapadi tse ding tsa bona lebaleng la Toyota hona Bloemfontein, ha Marumo Gallants e tsibisitse e tla bapalla dipapadi tse ding tsa bona Lucas Moripe, Pretoria.

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, le yena o ntshitse maikutlo ka maemo a lebala leo sehlopha sa hae se bapalla dipapadi tsa bona ho lona.

Cardoso o hlalositse ha a sa utlwisisi lebaka la ho bapalla lebaleng la Loftus Versfeld le maemong a seng matle empa Afrika Boroa e na le mabala a maholo a matle.

“Hase ntho e ntle bakeng sa papadi ya bolo, ke bohlanya. Ke nako ya hore batho ba phahamise matsoho le ho thusa ho ntshetsa papadi ya bolo pele ka tsela e nepahetseng,” ho realo Cardoso.

Mokwetlisi e mong ya llileng ka maemo a lebala ke Abdeslam Ouaddou wa Orlando Pirates.

Le ha a sa lla ka lebala leo ba bapallang dipapadi tsa selehae ho lona, Ouaddou o llile ka lebala la Old Peter Mokaba leo ba bapalletseng papadi ya bona kgahlano le Polokwane City ho yona.

“Hase ntho e ntle bakeng sa papadi ya bolo le batshehetsi ba batlang ho bona papadi e ntle,” ho realo Ouaddou.

BALA HAPE: Ngezana le monga sehlopha ha ba utlwane ka puo