
Motaung o dumela ha sehlopha sele tlasa kgatello
Hlooho ya tsamaiso ya dipapadi (Sporting Director) sehlopheng sa Kaizer Chiefs Kaizer Jr Motaung, o hlalositse ha sehlopha sele tlasa kgatello.
Motaung o hlalositse ha ba e lellwa kgatello eo bakwetlisi le sehlopha seleng ho yona jwalo ka botsamaisi.
“Ehlile, bakwetlisi ba tlasa kgatello, bohle re tlasa kgatello…” ho realo Motaung.
Motaung o hlalositse ha ho hlolwa ha bona ke Orlando Pirates le Richards ho mpefaditse dintho le ho feta sehlopheng.
“Ho hlolwa ke Pirates ho re utlwisa bohloko; re utlwa bohloko jwalo ka sehlopha. Re ne re hloka karabelo papading kgahlanong le Richards Bay F.C empa ha hwaba jwalo.
“Re ntse re sebetsa lekunutung ho fumana ditharollo.”
Chiefs e ntse e dutse dintlheng tse 30 mme e ritsitse ho tloha boemong ba boraro ho dula boemong ba botshelela.
Motaung o hlalositse ha bakwetlisi ba utlwisisang seo ba lokelang ho seetsa le ho utlwisisa hore ba lokela ho phahamela mapoqo.
“Bakwetlisi ba a utlwisisa hore diphetho di tshwanetse ho tla, mme di tshwanetse ho tla kapele haholo.”
“Re batla ho phethela sehla ka matla… selemong se tlang re tshwanetse ho ba ho CAF Champions League.
BALA HAPE: Maemo a mabala a Afrika Boroa ke tlhoba boroko ho bakwetlisi
