
Siwelele se lebisa papadi ya pele lebaleng la Toyota
Sehlopha sa motsemoholo Bloemfontein sa Siwelele, se tshibisitse ka phetoho ya lebaleng bakeng sa papadi ya bona ya pele.
Siwelele, se tsibisitse ha setla bapalla papadi ya bona ya pele lebaleng la Toyota e seng Dr Ratlai Molemela jwalo ka tebello.
BALA: Puso Dithejane o hlaba ntlha ya pele kgahlano le Inter Miami
Sena ka lebaka la maemo a seng hantle a lebala la Dr Ratlai bakeng sa papadi ya boemo ba Betway Premiership.
Siwelele, setla amohela TS Galaxy ka sontaha sa 02 Phato e le papadi ya bona e bulang sehla mme e tla bapala Toyota e seng Dr Ratlai Molemela.
BALA: Desiree Ellis o totobatsa moralo wa sehlopha ho WAFCON
