Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o bitsa difahleho tse ntjha ho leba mohopeng wa lefatshe

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o tsibisitse sehlopha seo a tla leba le sona mohopeng o setseng ka matsatsi wa lefatshe naheng ya America, Canada le Mexico ka kopanelo.

Broos o ntshitse dibapadi tse tsheletseng [6] ho tse 31 tseo a neng a dibitsitse sehlopheng sa sethathong [Preliminary squad].

Brandon Petersen
Thabiso Monyane
Brooklyn Poggenpoel
Lebo Maboe
Thapelo Morena
Patrick Maswanganyi

BALA: Broos o tla tsibisa lenane la ho qetela la dibapadi Union Building

Mamelodi Sundowns, e ntse e matha pele ka palo e hodimo ya dibapadi sehlopheng sa naha mme e latelwe ke Orlando Pirates.


Broos o bitsitse boholo ba dibapadi tseo a dulang a dibitsa sehlopheng le ha ho bile le diphetoho tse mmalwa leboteng la morao ho kenyeletsa Kamogelo Sebelebele ya fetoweng ke dipapadi tse mmalwa tsa Bafana Bafana.

Sebapadi se bapallang sehlopha sa Philadelphia ya America Olwethu Makhanya le Bradley Gross wa Kaizer Chiefs, ke bona fela dibapadi tse qalang hoba karolo ya sehlopha sa Broos.

Mohlabadintlha ya tlodisitsweng mahlo ka makgetlo wa Mamelodi Sundowns Iqraam Rayners, e tlaba karolo ya sehlopha ka mora ho fetwa ke monyetla wa ho leba le sehlopha mohopeng wa AFCON.

BALA: Kaizer Chiefs e tswelapele ka diphetoho bokwetlisi