Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mahlo a tlaba ho CAF ho dia kahlolo

Mafelong ana a beke mahlo a tla tswa dinameng jwalo ka ha tebello e tlaba matla ho komiti ya CAF (CAF’s disciplinary committee) ho nka qeto tletlebong tse hlahletsweng ke dihlopha tse akgang Orlando Pirates.

Pirates le sehlopha sa Kenyan Police, dihlahletse tletlebo kgahlano le dihlopha tseo ba bapetseng le tsona mme tebello ke hore CAF e fane ka tharollo pele ho lotho ka mantaha.

Kenyan Police, e tletlebile ha Al-Hilal e sebeditse dibapadi tse sa lokelang ho bapala kgahlano le bona, ha Pirates e tletlebile ka mokwetlisi wa St Eloi Lupopo ya neng a beheletswe ka thoko ka mora qhwebeshano le moletsaphala nako e fitileng.

CAF, e lebelletswe ho dula fatshe e hlahlobe dipapadi tse qalang (Preliminary games) pele ho etswa lotho.Ditletlebo tse hlahletsweng, le tsona ditla shejwa e bang dina le boleng kapa tjhe.

E bang ditletlebo tseo dina le matla, sena se ka fetola sebopeho sa dipapadi hoya pele moo re ka bonang dihlopha difumana kotlo.

Lotho ya dipapadi tsa mekgahlelo (group stages), ditla tshwarwa ka mantaha wa la 03 Pudungwane mme ditla tshwarela Johannesburg, Afrika Boroa.

BALA HAPE: Pirates e hlahlela tletlebo ho CAF kgahlano le Guy Bukasa