
Mamelodi Sundowns e feta mohwalotso ho Rema Stars
Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se ipehile ka botleng ka mora ho tlontlolla baamohedi ba bona Rema Stars ka ntlha tse hlano ho e le nngwe (5 – 1) mafelong a beke.
Sundowns, e ne e etetse Nigeria dipapadi tse qalang tsa CAF Champions League (Preliminary 2nd Round) moo bahlokileng mohau le ho buretsa Rema ka pela batshehetse ba ba bona.
Sehlopha sena se fihlileng ho makgaolakgang a mohope ona selemong se fitileng, se qadile ka noto e hodimo jwalo ka ha e ne e le papadi ya bona ya pele sehleng sena.
Dintlha tsa Sundowns, dineke dikarolong tse pedi tsa papadi mme dihlajwa ke dibapadi tse hlano tse fapaneng.
Ntlha ya pele, e kene ma Tashreeq Matthews (12), ya bobedi ya kena ka Peter Shalulile (42) ho setse metsotso pele ho kgefutso.
Sundowns, e kgutlile e baba sa mohalakane e tlo phethela mosebetsi mme setlabotjha Miguel Reisinho (61), a hlaba ntlha ya hae ya pele sehlopheng.
Arthur Sales (75) o hlabile ntlha ya bone ha Tsiki Ntsabeleng a tla hlaba ntlha ya ho qetela e bile e le ntlha ya hae ya pele sehlopheng.
Masandawana, ke sona fela sehlopha sa Afrika Boroa se hapile dipapading tsa CAF jwalo ka ha dihlopha tse nne dine ditswile ho leba dibaheng tse fapaneng.
Leoto la bobedi letla bapala mafelo a beke moo Sundowns e tla amohela Rema ka sontaha lebaleng la Lucas Masterpieces Moripe.
