
Amajimbos ba fetetse dipapading tsa mantshano le ha bahlotswe
Sehlopha sa makejakejane sa Amajimbos, se fetetseng dipapading tsa mantshano mohopeng wa lefatshe o ntseng o bapalla naheng ya Qatar.
Amajimbos bahlotswe ka ntlha tse tharo ho e le nngwe (3 – 1) ke naha ya Italy papadi ya ho qetela dipapading tsa dihlopha (group stages).
Ntlha ya Afrika Boroa, e kene ka sebapadi sa Kaizer Chiefs Shaun Els ya hlabileng ntlha le papading ya pele kgahlano le Bolivia.
Afrika Boroa e hapile papadi ya bona ya pele kgahlano le naha ya Bolivia (3 – 1) sena e bile nahala jwalo ka ha e bile sehlopha sa pele sa Afrika Boroa ho hapa papadi e qalang mohopeng wa lefatshe.
Sehlopha se bapetse maleka papading ya bobedi kgahlano le baamohedi ba baeti Qatar (1 – 1) mme hwa latela moo ba hlotsweng ke Italy.
Le ha ba hlotswe papading ya ho qetela, sehlopha se fetetse dipapading tsa mantshano ba dutse boemong ba bobedi ka ntlha tse 4 ka mora dipapadi tse tharo.
Sehlopha setla tswa se emetse hore dihlopha tse ding dibapale dipapadi tsa bona tsa ho qetela pele ho ka etswa lotho le hore ba tshebe bokamoso ba bona.
BALA HAPE:
Gallants e hlotse Arrows ho tobana le Pirates ho makgaolakgang
