
Amajimbos ba tswile mohopeng wa lefatshe
Sehlopha sa naha sa bahlankana ba dilemo dika ase ho 17, ba tswile mohopeng wa lefatshe o tshwaretsweng naheng ya Qatar ka mora ho hlolwa ke naha ya Japan ka 3 – 0.
Sehlopha sa mokwetlisi Vela Khumalo, se fetetseng dipapading tsa mantshano a dihlopha tse 32 moo ba tobaneng le Japan e lenyokonyane.
Amajimbos ba kene papading ena ba hlaha boemong ba bobedi sehlopheng sa A ka mora Italy e ba kgwatisitseng pele ho papadi tsa mantshano.
Sehlopha se qadile papadi ka dibapadi tsa bona tse matla le ha hobile le diphetoho tse mmalwa papisong le sehlopha se qadileng kgahlano le naha ya Italy.
Papadi e lebile kgefutsong dihlopha ntse ditsomana le ntlha ya pele le ha Japan e ne e le mafofotha ho feta Afrika Boroa.
Hona karolong ya pele, dihlopha ka bobedi diile tsa etsa diphetoho metsotso e 29 le 30 papadi e qadile. Karolong ya bobedi ya papadi, Japan e kgutlile ditaelo dinwelelletse mme ba qala ho ritella Afrika Boroa mohalakane o motsho.
Japan e hlabile dintlha tse tharo le ho fifatsa ditoro tsa masolo a mokwetlisi Khumalo a ho fetela dihlopheng tse 16 tsa ho qetela.
Amajimbos ke seng sa dihlopha tse tharo tsa Afrika tse tswileng dihlopheng tse 32 tsa ho qetela jwalo ka ha tse nne difetetse mokgahlelong o ka pele.
BALA HAPE: Amajimbos ba fetetse dipapading tsa mantshano le ha bahlotswe
