Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Naha ya Morroco ke bompudi ba lefatshe

Sehlopha sa naha ya Morroco sa bahlankana ba dilemo dika tlase ho mashome a mabedi (Under-20) ba etsa nalane ka ho hlola naha ya Argentina.

Morroco e Argentina eo e le bompudi makgetlo a tsheletseng papading ya makgaolakgang a neng a tshwaretsweng Santiago naheng ya Chile ka ntlha tse pedi ho noto (2 – 0).

Tlholo ena e hlalosa hore sehlopha sa Morocco ke bompudi ba lefatshe ba U-20 mme ke sehlopha sa bobedi sa Afrika ho hlola mohope ona ka mora Ghana ka 2009.

Dintlha tsa ‘The Atlas’ dikene karolong ya pele ya papadi mme dihlajwa ke lekejakejane la bona Yassir Zabiri.

Sehlopha sena se fihlileng le ho makgaolakgang a AFCON le ha se hlotswe ke Afrika Boroa, se qadile ho bontsha matla le maikemisetso mohopeng oo mme ba nka meralo ya bona ba lebala mohopeng wa lefatshe.

Leetong la bona ho fihla ho makgaolakgang, Morroco e hlotse South Korea, United States, France mme ya phethela mosebetsi ka Argentina.

Dibapadi tse pedi sehlopheng sena, difumane tlotlo dikgau tss dibapadi tse ipabotseng ka makgaolakgang le ho hlaba dintlha tse ngata.

Othmane Maama, o hapile kgau ya sebapadi se hlabileng dintlha tse ngata (Adidas Golden Ball) mme Yassir Zabiri, a fumana ya sebapadi sa bobedi ka dintlha (Adidas Silver Ball).

Letlobo lena, le matha mehlaleng ya sehlopha se seholo se tswelang pele ho etsa dimaka ka mora ho fihlela papading e tlang pelo ho makgaolakgang mohopeng o fitileng pele ba hlolwa ke France.

BALA HAPE: Makejakejane a Morroco a leba makgaolakgang Chile