Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

McKenzie o hlakisa taba ya meropotsa ya dibapadi pele ho AFCON

Letona la dipapadi Gayton McKenzie, o hlakisitse taba ya meputso ya dibapadi tsa sehlopha sa naha se keneng leetong ho emela naha dipapading tsa AFCON.

McKenzie o hlalositse ha tumellano e sentse e le teng ka meropotso (bonus) ya dipapadi tsa AFCON.

Afrika Boroa e kene leetong ho leba Morroco moo e tla qala ka dibapadi tsa AFCON ka la 22 kgahlano le naha ya Angola.

Letona le hlakisitse sena e le ha ho qala ho botswa ka meputso ya dibapadi jwalo ka ha e dula e ba mathata a ditjhelete ha dihlopha tsa papadi ya bolo diemala naha mehope.

“Ke bona medumo e sa hlokahaleng ka meropotdo ya AFCON,” ho realo McKenzie.

“Meputso ya dibapadi e sentse e qetowe ho dulelwa majwana mme e fapane le tshepiso e entsweng ke mmuso.”

Nako le nako ha sehlopha se emetse naha, ho dula ho utlwahala ha SAFA e hlolwa ke ho lefa dibapadi ditjhelete tsa ditshepiso.

Moraong tjena ho utlwahetse sehlopha seneng se emetse naha dipapading tsa CHAN dikgweding tse fitileng, ntse diemetse meputso ya tsona hotswa ho SAFA.

McKenzie, o etse tlhakisetso ena ele ha dipuo diqala hoba teng jwalo ka ha sehlopha setla emela naha.

Bafana Bafana bakene sefofaneng laboraro bosiu ho leba Morroco moo batla ikwetlisa kaofela ka mora hore dibapadi tse bapalang mose difihlele Morroco ka kotloloho.

McKenzie o entse boipiletso ba hore ho tlohelwe ditshele mme ho tshehetswe sehlopha.

“Ha jwale re lokela ho tshehetsa dibapadi le sehlopha. Re tlo hapa mohope ona [AFCON].”

BALA HAPE: Radebe o dumela ho sehlopha setla emela naha naheng ya Morroco