
Menyetla ya mohope wa lefatshe e ba lerotho
Menyetla ya sehlopha sa Bafana Bafana ya ho leba mohopeng wa lefatshe selemo setlang e ba lerotho ka mora hore sehlopha se bapale maleka le Zimbabwe e mohatleng.
Zimbabwe, e ne e amohetse Afrika Boroa lebaleng la Moses Mabhida e le papadi ya borong ya ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe.
Papadi ena, e fedile ka noto ho noto (0 – 0) ka mora hore dihlopha dingangane le ho hlolwa ke ho hlaba dintlha.
Afrika Boroa, e ne e hloka ho hapa papadi ho feta Zimbabwe hore e be menyetla ya ho leba mohopeng wa lefatshe ha Zimbabwe yona e ne e batla ho nyopisa seo.
Dihlopha ka bobedi dibile le menyetla le ha Afrika Boroa e bile le menyetla e fetang Zimbabwe karolong ya pele le ya bobedi ya papadi.
Sethibathibane sa Zimbabwe, Washington Arubi, o bontshitse makgabane ha a ne a thiba dibolo tse kotsi tseo Afrika Boroa e neng e diromela.
Knowledge Musona le Mbekezeli Mbokazi, ba ile ba bontshwa kareke tse kgubedi hona papadi eo ka nako tse fapaneng.
Dihlopha ka bobedi ditla kena papading tsa ho qetela beke e tlang mme Afrika Boroa e lokela ho hapa e bang e batla ho leba mohopeng wa lefatshe.
Sehlopha setla hloka hore Nigeria e hlole Benin hore se lebe mohopeng wa lefatshe. E bang Benin le Nigeria dibapala maleka, Afrika Boroa e tla hloka ho hapa ka palo hara ya ntlha tse tharo kapa ho feta.
Papadi kgahlano le Rwanda e tla bapala ka labobedi lebaleng la Mbombela mme papadi eo e tla qala ka hora ya botshelela.
BALA HAPE: Williams o bua ka moya o sehlopheng
