Bolo ya maotoKrikete

Afrika Boroa e kgwathisa India ho lekanya dintlha

Sehlopha sa naha sa papadi krikete, se buseditse molamu sefateng ka ho hlola India papading ya bobedi ya tse hlano tsa T20.

Di’Proteas, dihlotse India ka mematho e 51 ho kgutlisa tshepo ya ho lwanela ho hlola letoto la dipapadi tsa mofuta o mokgutshwane.

India, e hape lotho mme ya kgetha ho akgela ha Afrika Boroa e otla. Sebapadi sa Afrika Boroa se bulang Quinton De Kock (90) o kene a le mafofotha ka mora hotswa ka letata (0 runs) papading ya pele.

Aiden Makram (29), Donavan Ferreira (30*) le David Miller (20*) le bona ba kentse letsoho ho thusa Afrika Boroa ho dula memathong e 213 ho tswile dibapadi tse 4 (213/4).

Makenong a bobedi a papadi, India e lekile ho lelekisa mokolokotwane wa mematho e 213 empa ba fella tseleng ka mematho e 162 dibapadi ditswile kaofela.

Lungisani Ngidi (2), Marco Jansen (2) le Lutho Sipamla (2) ba ketotse dibapadi tse tsheletseng ka kopanelo le ho hlokisa India botsitso.

Ottneil Baartman, o ketotse dibapadi tse nne (4 wickets) a le mong le ho etsa bonnete ba hore Afrika Boroa e latswa tlholo. Papadi e latelang e bile e le ya boraro, e tla bapala ka sontaha sa la 14.

Dihlopha ditla leka ho ikgapela papadi le ho ba haufi le tlholo jwalo ka ha sehlopha setla hapa se hloka papadi tse tharo ho tse hlano.

BALA HAPE: Di’Proteas tsa basadi dihapa letoto la T20 kgahlano le Ireland