Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Raja Club Athletic e nyaola Davids pele sehla se fela

Sehlopha se dutseng boemong ba bohlano ho Botolo Pro League naheng ya Morocco, se nyaotse mokwetlisi wa bona Fadlu Davids.

Qeto ya Raja Club Athletic e tla ka mora hore sehlopha se hlolwe dipapading tse pedi ka tatellano le kopano e bileng teng ka mora papadi ya ho qetela.

Raja e dutse boemong ba bohlano mme e morao ka dintlha tse nne ho sehlopha se dutseng boemong ba pele.

BALA: Artan o fumana monyetla wa ho tsamaisa papadi e kgolo lefatsheng

Davids o bile le taolo dipapading tse 22 moo a hapileng tse 13 kaofela.

22 Matches
4 Defeats
5 Draws
13 Wins

Davids le sehlopha ba fihleletse tumellano ya karohano moo sehlopha se dumetseng le ho lefa [compensation] karohanong ya bona.

Mokwetlisi enwa wa mehleng wa Simba SC, o siya sehlopha ho setse dipapadi tse 7 le ho Round of 16 mohopeng wa Moroccan Throne.

BALA: Mexico e bula mosebetsi ka ho kgwathisa Afrika Boroa