Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mngqithi o batla tsepamiso ya maikutlo pele ho papadi kgahlano le Pirates

Mokwetlisi wa sehlopha sa Golden Arrows Manqoba Mngqithi, o eleditse dibapadi tsa hae ho se fetwe ke hlooho pele ho papadi e matla kgahlano le Orlando Pirates.

Arrows, ke se seng sa dihlopha tse tsohileng molota sehleng sena ka mora ho fihla ha Mngqithi a tswa ho Sundowns.

Abafana Bes’thende e satswa shaba bompudi ba tshireletsang Mamelodi Sundowns (1 – 0) le ho otla dihlopha tse ding haholo ha ba bapalla lapeng.

Mngqithi o hlalositse ha dibapadi dilokela ho tsepamisa maikutlo le ho se itshepe ho feta tekano.

“Nnete ke hore re ntse re aha, mme hara lokela ho nkwa ke maikutlo. Bahlankana ba arabela hantle, hona le makejakejane a so bonwe mme seo se sedi haholo,” ho realo Mngqithi.  

Arrows ke sona sehlopha se kotsi ka ho fitisisa sehleng sena hase bapala lapeng.

Dipapadi tse tsheletseng tsa lapeng ba hapile tse hlano le ho lahlehelwa ke papadi e le nngwe.  

Mokwetlisi enwa wa mehleng wa Sundowns o hlalositse ha balokela ho nahana jwalo ka batho ba hlooho tse phodileng.

“Hao bapala bolo ka kelello ya hore o ke ke wa hlolwa, e jwalo ka motho ya nweleng a reng ha batle howa. Ha o bapala jwalo, e fetola tsela eo o bapallang ka yona.”

Arrows e tla amohela Pirates lebaleng la King Zwelithini ka 19:30 bosiu.

Bala tse ding ka Golden Arrows:

Arrows e kgaqisitse Gallants moriana wa bona

Golden Arrows e tlabola Mamelodi Sundowns