
Kaze o ntsha lenane la dibapadi tse kantle ka dikotsi
Setho sa bokwetlisi (co-coach) sehlopheng sa Kaizer Chiefs Cedric Kaze, o fanne ka lenane la dibapadi tse ntsen dile kantle ka dikotsi sehlopheng.
Kaze, o e ntse phatlalatso ena sebokeng sa baqolotsi ba ditaba letsatsi pele ho papadi ya leoto la bobedi kgahlano le ZESCO United ya Zambia.
Kaze, o hlalositse ha George Matlou, Thabo Cele, Bradley Cross, Sibongiseni Mthethwa, le sethibathibane Fiacre Ntwari ba ntse bale kantle ka dikotsi tse fapaneng.
“George o kgutletse boikwetlising le ha a se malala-a-laotswe bakeng sa papadi ya hosane,” ho realo Kaze.
“Rushwin Dortley le yena o ntse a le kantle ka kotsi ya nako e lelele empa boemo ba hae bo ntse bo ntlafala.”
“Re dumela ha a tla feta ditekong dibeke tse tlang ho lekola e bang a ka qala ho ikwetlisa.”
Kaze, o hlalositse haba thabetse ho kgutla ha Gaston Sirino ya tlisang botsitso le boiphihlelo sehlopheng.
“Re thbabile hore Sirino le Lilepo, boiphihlelo boo botla tlatsa sehlopheng.”
Chiefs e tla kena tekong e matla ka sontaha [01 Hlakola] kgahlano le ZESCO e ls leoto la bobedi.
Le ha ba hapile leoto la pele Zambia beke e fitileng, Chiefs e ntse e le tlasa kgatello ya ho fumana dintlha tse tharo hore e be menyetleng e metle pele ho dipapadi kgahlano le dihlopha tsa Egypt.
Chiefs, e tla nkana le ZESCO lebaleng la Moses Mabhida ka 15:00 motsheare.
