Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Shabalala le Vilakazi ba kopanela Orbit College

Sehlopha sa Kaizer Chiefs se hlotse Orbit College ka ntlha tse nne ho e le nngwe (4 – 1) papading e bapetseng labobedi bosiu lebaleng la FNB.

Chiefs e ne e sa batle ho utlwa letho la Orbit ho tloha papadi e qeta ho qala mmo Mduduzi Shabalala a hlabileng ntlha ya pele metsotsong e qalang ya papadi.

Amakhosi, ba kgutlile ba baba la ho qetela karolong ya bobedi ya papadi moo ba hlabileng ntlha tse tharo ho isa palo ya ntlha tsa bona ho nne.

Shabalala, Mfundo Vilakazi le Flavio Silva ya keng a tswa bankeng, ke bona ba hlabetseng Amakhosi dintlha karolong ya bobedi mme ntlha ya Orbit, e hlabuwe ke Ayanda Lukhele.

Shabalala ya hlabileng ntlha tse pedi le ho thusetsa ho e nngwe, e bile yena sebapadi sa letsatsi mme o hlalositse ha a leboha Chiefs ka monyetla.

“Ke rata ho leboha Kaizer Chiefs ka monyetla wa ho bapalla sehlopha sena se seholo,” ho realo Shabalala.

H”ase sehla se bonolo ho nna tabeng ya dintlha le ho thuseng ho dihlaba empa ke lebohela hore re hlabile tse nne.”

Sebapadi sena se seng se atisa ho bitsetswa sehlopheng sa naha, se hlalositse ha bakwetlisi ba hae e le bona banang le tshusumetso e kgolo ho fetoheng ha papadi ya hae.

“Ke seo bakwetlisi ba njwetsitseng sona hore ke bapalle sehlopha, tse ding ditlatla ka morao.”

Chiefs e nyolohetse boemong ba bobedi ka dintlha tse 22 ka mora dipapadi tse 11 le tlholo tse tsheletseng.

Bala tse ding ka Kaizer Chiefs:

Motaung Jr o qhwaya sehlopha ka ZESCO United

CAF e etsa lotho le ho ntsha dihlopha