Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ndlovu le Ouaddou ba hapa dikgau tsa kgwedi

Sebapadi sa Golden Arrows Siyanda Ndlovu le mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, ba hapa dikgau tsa kgwedi ya Lwetse le Mphalane ka ho fapana.

Bobedi bona bo hapa kgau tsena lekgetlo la pele ho Betway Premiership sehleng se hodimo.

Papadi ya Ndlovu le masene a Ouaddou ho thusa dihlopha tsa bona, ho hapile mahlo a bakgethi ba kenyeleditseng baqolotsi ba dipapadi le bahasi ba papadi ya bolo.

Ouaddou o thusitse Pirates ho hapa dipapadi tse tharo ka tatellano nakong ya kgwedi mme dipapading tseo, sehlopha ha sa hlajwa ntlha.

Ka ho le leng Ndlovu o hapile kgau ya sebapadi sa kgwedi le ntlha ya kgwedi. Sebapadi sena se dilemo di 23 sehlabile ntlha tse tharo le ho thusetsa ho tse tharo dipapading tse hlano.

Ntlha ya Ndlovu kgahlano le sehlopha sa Stellenbosch ka la 22 Mphalane, e bile yona e kgethoweng hoba ntlha ya kgwedi.

Bobedi Ndlovu le Ouaddou, batla kopana bosiung ba kajeno [5 Pudungwane] jwalo ka ha dihlopha tsa bona dintlha thulana sa dipheleu ho Betway.

Pirates e tla etela Arrows lebaleng la King Zwelithini mme papadi e tla qala ka 19:30 bosiu.

Bala tse ding ka Arrows le Pirates:

Mngqithi o batla tsepamiso ya maikutlo pele ho papadi kgahlano le Pirates

Arrows e kgaqisitse Gallants moriana wa bona