Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mofokeng le Mbokazi ba hlaha ka hodima Yamal, Ronaldo le Messi

Dibapadi tse pedi tsa Afrika Borwa Relebohile Mofokeng le Mbekezeli Mbokazi, ba hlahella lenaneng la dibapadi tse dulang dishejwa ho marangrang a Transfermarket ka ho fitisisa.

Ho ya la lesedinyana le fanang ka dintlha le tshebetso ya dibapadi, Mofokeng le Mbokazi ba hlaha ka hodimo palong ya dibapadi tseo ho botswang ka tsona ho Transfermarket.

Bobedi bona ke dibapadi tsa mehleng tsa Orlando Pirates mme Mofokeng o bapala Belgium sehlopheng sa Royale Union Saint-Gilloise ha Mbokazi a bapala America sehlopheng sa Chicago Fire.

Ka bobedi Mofokeng le Mbokazi bantse ba sebetsa hantle dihlopheng tsa boma mme mehoo ke hore dihlopha tse kgolo tsa mose diphahamele mapoqo.

Olwethu Makhanya ya qetang ho tekena le Glasgow Rangers le yona o teng lenaneng la dibapadi tse 10 moo a dutseng boemong ba 5.

Tebello ke ho bona hore boraro bona, haholo Mbokazi le Mofokeng batla dula dihlopheng tsa bona kapa batla fumana dihlopha tse ding ha sehla se fihla pheletsong.

BALA: Sukazi o bua ka teko ya Chiefs ya ho fumana ditshebeletso tsa Mahlambi