
Sukazi o bua ka teko ya Chiefs ya ho fumana ditshebeletso tsa Mahlambi
Modulasetulo wa TS Galaxy Tim Sukazi, o tsibisitse ha sehlopha sa Kaizer Chiefs se ile sa bontsha kgahleho ho sebapadi sa bona Seluleko Mahlambi.
Mahlambi ke lekejakejane le bapallang ka lepheo [wing] le hlabang dintlha lenyelenyele.
Sukazi, o hlalositse ha Chiefs e ile ya beha tjhelete e kalo ka R4 Million tafoleng ya dipuisano empa a latola ka sebapadi sa hae.
Boleng ba sebapadi seo [Mahlambi] bo batla hole hodimo ho feta tjhelete or Chidfs e tlileng ka yona,” ho realo Sukazi puisanong le Andile Ncube ho Metro FM.
BALA: Ouaddou o fana ka tshepo ka Sebelebele ha Sigomoshe a ipabola papading ya hae ya pele
“Boleng ba sebapadi sena ke bonyane R10 Million kapa ho feta.”
Mahlambi ya dilemo di 22, ke se seng sa dibapadi tse bokamoso bo kganyang mme o bile le sehla se monate se dibapadi sehleng se fitileng.
Hara dikatleho tsa hae, o ile a thusa sehlopha ho hlaba dintlha le ho hapa kgau ya sebapadi se senyane se tshepisang ho Nedbank Cup.
BALA: Cardoso o kopa mamello, kutlwisiso le tshehetso ho balatedi ba sehlopha
