Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Bafana Bafana ba leba mohopeng wa lefatshe

Sehlopha sa naha sa papadi ya bolo Bafana Bafana ba phethahaditse ditoro ka ho phunyeletsa ho leba mohopeng wa lefatshe ka mora ho hlola Rwanda.

Afrika Boroa, e hlotse Rwanda ka ntlha tse tharo ho noto (3 – 0) papading e neng e le mahloko ho ma’Afrika Boroa ya ho qetela ya ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe.

Dintlha tsa Bafana Bafana, dikene karolong ya pele le ya bobedi ka dibapadi tsa Orlando Pirates Thalente Mbatha (6), Oswin Appollis (36) le Evidence Makgopa (72) ka ho fapana.

Bafana Bafana, ba bonahetse bale sehlahlo ho feta papading eo ba e bapetseng kgahlano le Zimbabwe beke e fitileng.

Mokwetlisi Hugo Broos, o entse diphetoho tse mmalwa sehlopheng se bapetseng beke e fitileng ka lebaka la dikotsi, dikarete le ho fetola mawa.

Afrika Boroa, e tla bapala mohopeng wa lefatshe lekgetlo la bone le ha e phunyeletsa makgetlo a mararo le lekgetlo le le leng jwalo ka baamohedi ba baeti ka 2010.

Ho phunyeletsa ha Bafana Bafana, ho bebofaditswe ke tlholo ya Nigeria kgahlano le Benin (4 – 0) jwalo ka ha bane ba hloka hore Nigeria e hlole papadi ya bona ho phunyeletsa.

Bafana Bafana, ke bona fela sehlopha setla leba mohopeng wa lefatshe dinaheng tse kopaneng tsa Canada, Mexico le USA dihlopheng tsa lebatowa la SADC kapa COSAFA region.

BALA HAPE: Hugo Broos o re ho kgojwe matshwafo