Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mathata a Siwelele FC a hlwa mekwalaba

Mathata a sehlopha sa Siwelele FC a bonahala a ntse a hlwa mekwalaba ka mora ho hlolwa ke sehlopha sa Magesi ka ntlha tse pedi ho noto (2 – 0) ka moqebelo.

Siwelele se bonahala se le mathateng ka mora ho bapala dipapadi tse tsheletseng ntle le ho hapa papadi jwalo ka ha e lahlehetswe dipapading tse hlano le ho bapala maleka papading e lengwe.

Sehlopha sena se kwetliswang ke Lehlohonolo Seema, se rekile boemo le sehlopha sa Supersport United eo le yona e phonyohileng selepe metsotsong ya ho qetela sehleng se fitileng.

Siwelele e tekenne dibapadi tse mmalwa ho imatlafatsa tse akgang Chibuike Ohizu, Teboho Potsane le Siphelele Luthuli.

Le ha se fetotse mokwetlisi, sehlopha sena ha sa etsa diphetoho tse kalo bankeng ya sehlopha (technical staff) jwalo ka ha ntse ba sebetsa ka moifo o neng o sebetsa ho Supersport.

Sehlopha sena setla kena tekong e matla dipapading tsa bona tse tlang jwalo ka ha batla bapala le Orlando Pirates, Marumo Gallants, Kaizer Chiefs le Sekhukhune ka tatellano.

Hona dipapading tseo, sehlopha se tla bapala ntle le dibapadi tse jwalo ka Neo Rapoo, Lazola Maku, Thabang Mahlangu le Siviwe Magidigidi bao e leng karolo ya sehlopha sa naha se lebang mohopeng wa lefatshe Chile (World Cup under-20).

Papadi ya sehlopha e lateng e kgahlano le Orlando Pirates ka labobedi la la 23 Lwetse lebaleng la Toyota, Bloemfontein ka 19:30 bosiu.

Mohlabadintlha Samir Nurkovic, a ke ke a ba teng papading eo ka mora ho fumana karete e kgubedu kgahlano le Magesi.

BALA HAPE: Siwelele se amohela baeti Bloemfontein